12. bana ba Iseraele ba tloha lefeelleng la Sinai, ka lenaneo la ho tsamaya leo ba neng ba le laetswe; mme leru la ema lefeelleng la Parane.
13. Ya eba hona ba qalang ho tloha ka taelo ya Jehova, eo ba e neilweng ka Moshe.
14. Folaga ya ntlo ya bana ba Juda ya tloha pele: ba tloha ka makgotla a bona; lekgotla la Juda le ne le laolwa ke Nasone, mora Amminadabe;
15. lekgotla la leloko la bana ba Issaskare le ne le laolwa ke Nethaneele, mora Tsuare;
16. lekgotla la leloko la bana ba Sabulone le ne le laolwa ke Eliabe, mora Helone.
17. Tabernakele ya qhaqhollwa: yaba bara ba Gershone le bara ba Merari ba tloha, ba jere tabernakele.
18. Yaba folaga ya ntlo ya Rubene e a tloha; ba tloha ka makgotla a bona; lekgotla la Rubene le ne le laolwa ke Elitsure, mora Shedeure;
19. lekgotla la leloko la bana ba Simeone le ne le laolwa ke Shelumiele, mora Tsurishaddai;