37. Ba ngotsweng ba leloko la Benjamine ya eba dikete tse mashome a mararo a metso e mehlano, tse nang le makgolo a mane.
38. Ho bara ba Dane, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
39. Ba ngotsweng ba leloko la Dane ya eba dikete tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi, tse nang le makgolo a supileng.
40. Ho bara ba Asere, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
41. Ba ngotsweng ba leloko la Asere ya eba dikete tse mashome a mane a motso o mong, tse nang le makgolo a mahlano.
42. Ho bara ba Nefthali, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
43. Ba ngotsweng ba leloko la Nefthali ya eba dikete tse mashome a mahlano a metso e meraro, tse nang le makgolo a mane.
44. Ke bona bao ba kileng ba ngolwa ke Moshe le Aarone, ba ena le banna ba leshome le metso e mmedi, marena a Iseraele; ho ne ho na le monna ka ntlo e nngwe le e nngwe ya bontata bona.
45. Ka mokgwa o jwalo, ho bara bohle ba Iseraele, ha ngolwa, ka matlo a bontata bona, banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
46. Ba ngotsweng bohle ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng a metso a meraro, tse nang le makgolo a mahlano a nang le mashome a mahlano.
47. Haele Balevi, le leloko la bontata bona, ha ba ka ba baliwa hara ba ngotsweng.
48. Hobane Jehova a ne a boleletse Moshe, a re:
49. Feela, o se ke wa bala leloko la Levi, mme o se ke wa le ngolla hara bana ba Iseraele,
50. o mpe o bee Balevi balebedi ba tabernakele ya bopaki, le ba mesebetsi yohle ya yona. E tla ba bona ba tlang ho jara tabernakele le mesebetsi yohle ya yona; e tla ba bona ba tlang ho etsa tshebetso ya yona, mme ba tla teela tabernakele hare moo e hlongwang teng.
51. Etlere ha tabernakele e tloha, Balevi ba e thakgolle, mme etlere ha tabernakele e ema, Balevi ba e hlome; empa moditjhaba ya e atamelang, o tla bolawa.
52. Bana ba Iseraele ba tla emisa ka makgotla a bona, e mong le e mong sebakeng sa hae, haufi le folaga ya habo.
53. Empa Balevi, bona ba tla bofolla ka mathokong wohle a tabernakele ya bopaki, hore kgalefo ya ka e tle e se ke ya tukela phutheho ya bana ba Iseraele; Balevi ba tla boloka tabernakele ya bopaki.