31. Ba ngotsweng ba leloko la Sabulone ya eba dikete tse mashome a mahlano a metso e supileng, tse nang le makgolo a mane.
32. Haele bara ba Josefa, ho bara ba Efraime ba ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
33. Ba ngotsweng ba leloko la Efraime ya eba dikete tse mashome a mane, tse nang le makgolo a mahlano.
34. Ho bara ba Manasse, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
35. Ba ngotsweng ba leloko la Manasse ya eba dikete tse mashome a mararo a metso a mmedi, tse nang le makgolo a mabedi.
36. Ho bara ba Benjamine, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
37. Ba ngotsweng ba leloko la Benjamine ya eba dikete tse mashome a mararo a metso e mehlano, tse nang le makgolo a mane.
38. Ho bara ba Dane, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
39. Ba ngotsweng ba leloko la Dane ya eba dikete tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi, tse nang le makgolo a supileng.