20. Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ba ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona; mabitso a ba batona bohle ka bonngwe, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho isa ho ba fetang moo, banna bohle ba ka yang ntweng.
21. Ba ngotsweng ba leloko la Rubene ya eba dikete tse mashome a mane a metso e tsheletseng, tse nang le makgolo a mahlano.
22. Ho bara ba Simeone, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a ba batona bohle ka bonngwe, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho isa ho ba fetang moo, banna bohle ba ka yang ntweng.
23. Ba ngotsweng ba Simeone ya eba dikete tse mashome e mahlano a metso e robileng mono o le mong, tse nang le makgolo a mararo.
24. Ho bara ba Gade, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
25. Ba ngotsweng ba leloko la Gade ya eba dikete tse mashome a mane a metso e mehlano, tse nang le makgolo a tsheletseng a nang le mashome a mahlano.
26. Ho bara ba Juda, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
27. Ba ngotsweng ba leloko la Juda ya eba dikete tse mashome a supileng a metso e mene, tse nang le makgolo a tsheletseng.
28. Ho bara ba Issaskare, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
29. Ba ngotsweng ba leloko la Issaskare ya eba dikete tse mashome a mahlano a metso e mene, tse nang le makgolo a mane.