2. Balang phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ka matlo a bona le ka matlo a bontata bona; o ngole ka bonngwe mabitso a ba batona bohle, e leng a Baiseraele bohle ba ka yang ntweng,
3. ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo; wena le Aarone, le tle le bale palo eo ka makgotla a bona; mme le ikgethele monna lelokong le leng le le leng, eo e leng yena hlooho ya ntlo ya bontatae.
5. Ke ana mabitso a banna ba tlang ho le thusa: Lelokong la Rubene, ke Elitsure, mora Shedeure;
6. ho la Simeone, Shelumiele, mora Tsurishaddai;
7. ho la Juda, Nasone, mora Amminadabe;
8. ho la Issaskare, Nethaneele, mora Tsuare;
9. ho la Sabulone, Eliabe, mora Helone;
10. melokong ya bara ba Josefa: ho la Efraime, Elishama, mora Ammihude; ho la Manasse, Gamaliele, mora Pedahtsure;
11. ho la Benjamine, Abidane, mora Gideoni;
12. ho la Dane, Akiesere, mora Ammishaddai;
13. ho la Asere, Pagiele, mora Okrane;
14. ho la Gade, Eliasafe, mora Deuele;
15. ho la Nefthali, Akira, mora Enane.
16. Ke bona bao ba kileng ba memuwa phutheho; ke marena a meloko ya bontata bona; ke tsona dihlooho tsa dikete tsa Iseraele.
17. Moshe le Aarone ba nka banna bao ba neng ba tswa thonngwa,
18. ba mema phutheho yohle ka tsatsi la pele la kgwedi ya bobedi; e mong le e mong a bolela lesika la hae, ka ntlo ya hae, le ka ntlo ea bontatae; ha ngolwa ka bonngwe mabitso wohle a bona, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
19. Moshe, kamoo a neng a laetswe ke Jehova kateng, a fela a ba bala, lefeelleng la Sinai.