8. Ba nna ba bala bukeng ya molao wa Modimo ka ho qaqisa, ba hlalosa, mme ba hlahlisa se balwang.
9. Yaba Nehemia mmusisi, ba ena le Esdrase, moprista le mongodi, le Balevi ba rutang setjhaba, ba re ho setjhaba kaofela: Tsatsi lena ke le kgethetsweng Jehova, Modimo wa lona; le se ke la dula bofifing, mme le se ke la lla — etswe setjhaba kaofela se ne se lla ha se utlwa mantswe a molao.
10. Ba re ho bona: Eyang, le je tse nonneng, le nwe tse monate, mme le romele ba sa kang ba lokisetswa letho diabo; hobane tsatsi lena ke le kgethetsweng Morena wa rona; hape, le se ke la itlhomodisa; hobane thabo ya Jehova ke matla a lona.
11. Kahoo, Balevi ba kgutsisa setjhaba kaofela, ba re: Tholang, hobane tsatsi lena ke le kgethehileng; le se ke la itlhomodisa.
12. Yaba setjhaba kaofela se tloha ho ya ja le ho nwa, le ho romela ba bang diabo, le ho etsa monyaka o moholo; kahobane ba ne ba utlwisitse mantswe ao ba a boleletsweng.
13. Ka la bobedi, dihlooho tsa matlo a bontata setjhaba kaofela, le baprista, le Balevi, ba phuthehela ho Esdrase, mongodi, ho tla mamela hlaloso ya mantswe a molao.
14. Ba fumana ho ngodilwe molaong oo Jehova a o laetseng ka Moshe, hore bana ba Iseraele ba tshwanetse ho aha metlotlwaneng ka mokete wa kgwedi ya bosupa,