17. Phutheho kaofela ya ba kgutlileng kgolehong ya etsa metlotlwane jwalo, mme ba dula metlotlwaneng eo. Hobane bana ba Iseraele ba ne ba eso ho etse jwalo, haesale le mehleng ya Joshua, mora Nune, ho fihlela la kajeno. Monyaka wa eba moholo.
18. Ha nna ha balwa bukeng ya molao wa Modimo ka tsatsi le leng le le leng, ho qala ka tsatsi la pele, ho isa ho la ho qetella. Ba etsa mokete ka tshiu tse supileng, mme ka la boroba meno e le mmedi ha etswa phutheho e kgolo haholo, kamoo taelo e neng e le kateng.