Nehemia 7:40-46 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

40. bana ba Immere ba sekete se nang le mashome a mahlano a metso e mmedi;

41. bana ba Pashkure ba sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a mane a metso e supileng;

42. bana ba Harime ba sekete se nang le leshome le metso e supileng.

43. Haele Balevi, ya eba bana ba Joshua le Kadmiele, le bana ba Hodva, ba mashome a supileng a metso e mene.

44. Haele dibini, ya eba bana ba Asafe ba lekgolo le mashome a mane a metso e robileng meno e le mmedi.

45. Haele balebedi ba menyako, ya eba bana ba Shallume, bana ba Athere, bana ba Thalmone, bana ba Akkube, bana ba Hathitha, le bana ba Shobai; ba etsa lekgolo le nang le mashome a mararo a metso e robileng meno e le mmedi.

46. Haele Banethinime, ya eba bana ba Tsika, bana ba Hasufa, bana ba Tabbaothe,

Nehemia 7