Nehemia 6:5-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Ke ha Sanballate a boela a nthomela taba eo la bohlano ka mohlanka wa hae, a tla a tshwere lengolo le phetlilweng letsohong la hae,

6. leo ho ngodilweng ho lona taba e reng: Ho tumile hara ditjhaba, le yena Gashmu o rialo, hore wena le Bajuda le rerile morero wa ho kweneha; ke kahoo o tsosang lerako; leshano le re, ke wena o tla ba morena wa bona,

7. o bile o beile baporofeta ho o bolela Jerusalema, ka ho re: Morena o teng Juda. Mme jwale, taba tseo di tla phetelwa morena; ha ho le jwalo, tloo jwale, mme re rere hammoho.

8. Yaba ke romela ho yena, ka re: Ha ho taba e teng ya tseo o di bolelang; o di qapile pelong ya hao.

9. Hobane efela bohle ba ne ba leka ho re tshosa, ba re: Matsoho a bona a tle a tepellele mosebetsi, hore o tle o se ke wa etswa.Oho jwale, Modimo wa ka, o ke o matlafatse matsoho a ka!

10. Jwale, ka kena tlung ya Shemaia, mora Delaia, mora Mehetabeele; o ne a ikwaletse kateng. A re ho nna: A re phutheheleng tlung ya Modimo, kahare ho tempele, mme re kwale mamati a tempele; hobane ba ya tla o bolaya; bosiung bona bona ba ya tla o bolaya.

11. Ka re: Hleka motho ya kang nna a ka baleha na? Mme o kae motho ya kang nna ya ka kenang tempeleng, hore a phele? Nke ke ka ba ka kena teng.

Nehemia 6