Nehemia 6:18-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Hobane ho ne ho le batho ba bangata ba Juda ba neng ba ikopantse le yena ka kano, kahobane e ne e le mokgwenyana wa Shekania, mora Arake; mme mora hae Johanane o ne a nyetse moradi wa Meshullame, mora Berekia.

19. Hape, ba ne ba mmolela ka taba tse ntle pela ka; ba ne ba mo sebela dipolelo tsa ka; mme Tobia o ne a romela mangolo ho ntshabisa.

Nehemia 6