Nehemia 6:14-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Oho, Modimo wa ka, hopola Tobia le Sanballate le diketso tsa bona, le yena Noadia moporofeta wa mosadi, le baporofeta ba bang ba lekileng ho ntshabisa!

15. Haele lerako, la phetheha ka la mashome a mabedi a metso e mehlano la kgwedi ya Elule, le sebeditswe ka matsatsi a mashome a mahlano a metso e mmedi.

16. Eitse ha dira tsohle tsa rona di utlwa, tjhaba tsohle tse re teetseng hare tsa tshoha, mme tsa nyahama dipelo; tsa tseba hoba mosebetsi oo o entswe ke Modimo wa rona.

17. Hape, mehleng eo, ho ne ho na le baholo ba bang ba Juda ba neng ba romela mangolo a mangata ho Tobia, ba boele ba fihlelwe ke mangolo a Tobia.

18. Hobane ho ne ho le batho ba bangata ba Juda ba neng ba ikopantse le yena ka kano, kahobane e ne e le mokgwenyana wa Shekania, mora Arake; mme mora hae Johanane o ne a nyetse moradi wa Meshullame, mora Berekia.

19. Hape, ba ne ba mmolela ka taba tse ntle pela ka; ba ne ba mo sebela dipolelo tsa ka; mme Tobia o ne a romela mangolo ho ntshabisa.

Nehemia 6