Nehemia 6:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Sanballate, le Tobia, le Gesheme Moarabe, le dira tse ding tsa rona, eitse ha ba utlwa hore ke tsositse lerako, le hore ha ho sekgeo se setseng ho lona, — leha ke ne ke eso ho kenye mamati a menyako ho fihlela motsotso oo —

2. Sanballate le Gesheme ba romela ho nna, ba re: Tloo, re teane le wena metseng ya sekgutlo sa Ono. Athe ba ne ba rerile hore ba tla nntsha kotsi.

3. Ka ba romela manqosa, ka re: Ke tshwerwe ke mosebetsi o moholo, ke sitwa ho theoha; nka emisetsang mosebetsi ka ho o tlohela le ka ho theohela ho lona?

4. Ba nthomela taba eo e le nngwe makgetlo a mane, mme le nna ka nna ka ba romela karabo e le nngwe.

5. Ke ha Sanballate a boela a nthomela taba eo la bohlano ka mohlanka wa hae, a tla a tshwere lengolo le phetlilweng letsohong la hae,

6. leo ho ngodilweng ho lona taba e reng: Ho tumile hara ditjhaba, le yena Gashmu o rialo, hore wena le Bajuda le rerile morero wa ho kweneha; ke kahoo o tsosang lerako; leshano le re, ke wena o tla ba morena wa bona,

7. o bile o beile baporofeta ho o bolela Jerusalema, ka ho re: Morena o teng Juda. Mme jwale, taba tseo di tla phetelwa morena; ha ho le jwalo, tloo jwale, mme re rere hammoho.

8. Yaba ke romela ho yena, ka re: Ha ho taba e teng ya tseo o di bolelang; o di qapile pelong ya hao.

9. Hobane efela bohle ba ne ba leka ho re tshosa, ba re: Matsoho a bona a tle a tepellele mosebetsi, hore o tle o se ke wa etswa.Oho jwale, Modimo wa ka, o ke o matlafatse matsoho a ka!

Nehemia 6