Nehemia 4:21-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Ra tshwara mosebetsi jwalo, ba bang ba rona ba ntse ba tshwere marumo, ho tloha ka meso ho isa ha dinaledi di hlaha.

22. Hape, mohlang oo, ka re ho setjhaba: E mong le e mong a ke o hlole bosiu le bahlanka ba hae kahare ho Jerusalema, hore bosiu ba tle ba re thuse ho lebela, mme motshehare ba tshware mosebetsi.

23. Haele nna le banabeso le bahlanka ba ka le balebedi ba ntatelang, re ne re sa hlobole diaparo tsa rona; e mong le e mong o ne a ntse a tshwere dibetsa tsa hae ho ya metsing.

Nehemia 4