17. Ba hahang lerako, le bajari ba tse hahang, le babelesi ba tsona, ka tsoho le leng ba ne ba sebetsa mosebetsi, ka le leng ba ne ba tshwere dibetsa.
18. Bohle ba hahang, e mong le e mong o ne a itlamile ka sabole lethekeng, mme o ne a ntse a haha jwalo; haele ya letsang terompeta, o ne a eme pela ka.
19. Ka re ho baholo le ho mahosana le ho ba bang ba setjhaba: Mosebetsi o moholo, hape o namile; re qadikane hodima lerako, e mong le e mong o hole le ngwanabo.
20. Ha ho le jwalo, hlong le phuthehele ho rona nqalong efe le efe eo le tla utlwa modumo wa terompeta o etswa teng; Modimo wa rona o tla re lwanela.
21. Ra tshwara mosebetsi jwalo, ba bang ba rona ba ntse ba tshwere marumo, ho tloha ka meso ho isa ha dinaledi di hlaha.