1. Eitse ha Sanballate a utlwa hobane re boetse re tsosa lerako, a belaela, a halefa haholo, mme a soma ka Bajuda.
2. Yaba o bua pela banababo le pela bahlabani ba Samaria, a re: Bajuda bano ba fokolang ba etsa eng? Na ba haha qhobosheane na? Na ba tla hlaba mahlabelo na? Na ba tla phetha jwale na? Na ba tla phedisa majwe ka ho a ntsha diqubung tseno tsa marole, haele moo a tjhele?
3. Tobia Moammone, ya neng a eme pela hae, a re: Mme seo ba se hahang, leha phokojwe e ka hlwella teng, e ka heletsa lerako la bona la majwe!
4. Oho, Modimo wa rona, utlwa kamoo re entsweng sekgobo kateng; o busetse dihlapa tsa bona hloohong tsa bona, mme o ba neele hore ba ya ho tlatlapuwa naheng ya kgoleho.
5. O se ke wa apesa bokgopo ba bona, mme o se ke wa hlakola sebe sa bona pela hao; hobane ba o halefisitse pela ba hahang.
6. Ra tsosa lerako jwalo, mme lerako lohle la kopanngwa ho isa bohareng ba lona; haele setjhaba, se ne se rata ho sebetsa.
7. Eitse ha Sanballate, le Tobia, le Baarabe, le Baammone, le Baashdode, ba utlwa hobane ho tsoswa ha marako a Jerusalema ho ntse ho tswela pele, le hobane dikgeo di se di batla di thibeha, ba halefa haholo,
8. ba ba ba dumellana kaofela morerong wa ho futuhela Jerusalema le wa ho o senya.
9. Empa rona, ra rapela Modimo wa rona, mme ka ho ba tshaba, ra bea balebedi motshehare le bosiu, hore re itshireletse ho bona.
10. Bajuda ba re: Matla a bajari a fokotse, athe marole a mangata; re fela re tla sitwa ho phetha lerako!
11. Athe dira tsa rona di ne di re: Ba ke ke ba tseba letho, ba ke ke ba bona letho, ho fihlela re ba re kena hara bona, re ba bolaya, re emisa mosebetsi.
12. Bajuda ba neng ba ahile pela bona, ba ne ba tla, ba re sebela morero oo ho fihlela haleshome ba etswa nqalong tsohle, ba re: E ka kgona le boele ho rona.
13. Yaba ke bea balebedi sephitshaneng se kamora lerako, dibakeng tse ahlameng; ka bea setjhaba teng ka masika a sona, ba ena le disabole tsa bona, le marumo a bona, le diqha tsa bona.