Nehemia 3:27-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. Kapele ho bao, ba Tekowa ba haha sekoto se seng sa lerako, ba qala maloka le tora e kgolo e hlahelang kantle, ho ya fihla lerakong la Ofele.

28. Kapele ho monyako wa Dipere, baprista ba lokisa e mong le e mong maloka le ntlo ya hae.

29. Kapele ho bona, Tsadoke, mora Immere, a lokisa maloka le ntlo ya hae; kapele ho eo, ha lokisa Shemaia, mora Shekania, molebedi wa monyako wa botjhabatsatsi.

Nehemia 3