Nehemia 3:1-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Eliashibe, moprista e moholo, le baprista banababo, ba tloha, ba haha monyako wa Dinku; ba o kgethela Jehova, mme ba kenya mamati a wona; hape, ba kgethela Jehova sekoto sa lerako ho isa toreng ya Hammea, le ho isa toreng ya Hananeele.

2. Mabapa le bona, ha haha banna ba Jeriko, mme mabapa le bao, ha haha Sakkure, mora Imri.

3. Monyako ya Dihlapi wona wa hahuwa ke bara ba Hassenaa; ba etsa difate tsa wona, ba kenya le mamati le dinotlolo le mekwallo.

4. Mabapa le bona, ha lokisa Meremothe, mora Uria, mora Hakkotse. Mabapa le bona, ha lokisa Meshullame, mora Berekia, mora Meshesabeele; mabapa le bona, ha lokisa Tsadoke, mora Baana;

5. mabapa le bona, ha lokisa ba Tekowa; empa baholo ba bona ha ba ka ba dumela ho tlatsa mosebetsing wa monga bona.

6. Monyako wa Kgale wona wa lokiswa ke Jojada, mora Pasea, le Meshullame, mora Besodia; ba bea difate tsa wona, mme ba kenya mamati le dinotlolo le mekwallo.

7. Mabapa le bona, ha lokisa Melatia wa Gibeone, le Jadone wa Meronothe, le batho ba Gibeone le Mitspe, ba kalosong ya mmusisi ya mose o kwano ho noka.

8. Mabapa le bona, ha lokisa Ussiele, mora Harhaia, setei sa kgauta; mabapa le yena, ha lokisa Hanania, e mong wa baetsi ba dinoko.Ba lokisa lerako la Jerusalema jwalo, ho isa lerakong le sephara.

9. Mabapa le bona, ha lokisa Refaia, mora Hure, monga karolo e nngwe ya setereke sa Jerusalema.

10. Mabapa le bona, ha lokisa Jedaia, mora Harumafe; hape, a lokisa le maloka le ntlo ya hae; mabapa le yena, ha lokisa Hattushe, mora Hashabnia.

11. Haele Malkija, mora Harime, le Hashube, mora Pakathe-Moabe, ba lokisa sekoto se seng le tora ya Dibopi.

12. Mabapa le bona, ha lokisa Shallume, mora Halloheshe, monga karolo e nngwe ya setereke sa Jerusalema, e le yena le baradi ba hae.

13. Monyako wa Sekgutlo wona wa lokiswa ke Hanune le ba ahileng Sanowa; ba o haha, mme ba kenya mamati a wona le dinotlolo le makwallo; ba etsa ditswe tse sekete tsa lerako, ho ya fihla monyakong wa Moitedi.

14. Monyako wa Moitedi wona wa lokiswa ke Malkija, mora Rekabe, monga setereke sa Bethe-Hakkereme; a o haha, mme a kenya mamati a wona le dinotlolo le mekwallo.

15. Monyako wa Sediba wona wa lokiswa ke Shallume, mora Kole-Hose, monga setereke sa Mitspe; a o haha, a o rulela, a kenya le mamati a wona le dinotlolo le mekwallo; hape, a etsa lerako la letsha la Silowe, pela tshimo ya morena, ho ya fihla methating e theohang motseng wa Davida.

16. Kapele ho eo, ha lokisa Nehemia, mora Asbuke, monga sekoto se seng sa setereke sa Bethe-Tsure, ho ya fihla mabitleng a Davida, le ho ya fihla letsheng le hahilweng, le ho ya fihla tlung ya bahale.

17. Kapele ho eo, ha lokisa Balevi, e leng Rehume, mora Bani; mabapa le eo, ha lokisa Hashabia, monga sekoto se seng sa setereke sa Keila, a etsetsa ba setereke sa hae.

18. Kapele ho eo, ha lokisa banababo bona, e leng Bavvai, mora Henadade, monga sekoto se seng sa setereke sa Keila.

Nehemia 3