Nehemia 2:7-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Hape, ka re ho morena: Ha morena a dumela, nke ke newe mangolo a yang ho babusisi ba mose wane ho noka, ba tle ba nnee tsela, ke be ke fihle Judea.

8. Hape, nke ke newe lengolo le yang ho Asafe, mohlahlobi wa moru wa morena, hore a tle a nnee difate tsa ho etsa mamati a menyako ya qhobosheane eo e leng ya ntlo ya Jehova, le a marako a motse, le a ntlo eo ke tla dula ho yona. Morena a mpha mangolo ao, kamoo letsoho le molemo la Modimo wa ka le neng le ntse le le ho nna kateng.

9. Yaba ke fihla ho babusisi ba mose wane ho noka, ka ba nea mangolo a morena. Hape, morena o ne a romile balaodi ba bang ba makgotla le bapalami ho mphelehetsa.

10. Sanballate Mohorone, le Tobia mohlanka wa Moammone, ba swaba ka ho fetisisa ha ba utlwa hobane ho fihlile monna ya tla etsa bana ba Iseraele hantle.

11. Ka fihla Jerusalema, mme ka dula tshiu tse tharo.

12. Ka ntoo tloha bosiu ke ena le batho ba seng bakae, hobane ke ne ke sa ka ka bolella motho seo Modimo wa ka o se beileng pelong ya ka hore ke se etsetse Jerusalema; hape ho ne ho se pelesa e nngwe ho nna haese pelesa eo ke neng ke e palamile.

13. Ka tswa bosiu ka monyako wa Sekgutlo, ka leba nqa sedibeng sa Drakone le nqa monyako wa Moitedi; ka qamaka marako a Jerusalema kamoo a leng dikgeo kateng, le mamati a teng kamoo a dutseng a tjhele kateng.

14. Yaba ke fetela nqa monyakong wa Sediba, le letsheng la morena, empa ho ne ho se moo pelesa eo ke e palamileng e ka fetsang le teng.

15. Hape, bosiung bona boo, ka nyolosa molapo, ke ntse ke qamaka lerako, ka ntoo kgutla, ka kena ka monyako wa Sekgutlo; ka boya jwalo.

16. Mahosana a ne a sa tsebe moo ke ileng, le seo ke se etsang; ke ne ke eso ho bolelle Bajuda, leha e le baprista, le baholo, le mahosana, le ba bang ba sebetsang mosebetsi.

17. Yaba ke re ho bona: Le bona tsietsi eo re leng ho yona, kamoo Jerusalema a senyehileng kateng, le kamoo mamati a teng a dutseng a tjhele kateng. Tloong, ha re tsoseng lerako la Jerusalema, re tle re se hlole sekgobong.

18. Hape, ka ba hlalosetsa kamoo letsoho le molemo la Jehova, Modimo wa ka, le leng ho nna kateng, ka ba phetela le mantswe ao morena a buileng le nna ka wona. Yaba ba re: A re tloheng, re hahe. Mme ba ikgothaletsa ho etsa mosebetsi oo o motle.

Nehemia 2