18. Hape, ka ba hlalosetsa kamoo letsoho le molemo la Jehova, Modimo wa ka, le leng ho nna kateng, ka ba phetela le mantswe ao morena a buileng le nna ka wona. Yaba ba re: A re tloheng, re hahe. Mme ba ikgothaletsa ho etsa mosebetsi oo o motle.
19. Eitse ha Sanballate Mohorone, le Tobia mohlanka wa Moammone, le Gesheme Moarabe, ba utlwa taba tseo, ba soma ka rona, ba re nyedisa, ba re: Keng, hoo le ho etsang? Hleka le rata ho ikgantshetsa morena na?
20. Ka ba fetola, ka re ho bona: Modimo wa mahodimo ke wona o tla re atlisa; ka baka leo, rona re leng bahlanka ba wona, re se re ya tsoha, re haha; haele lona, ha le na kabelo, leha e le tokelo, leha e le keletso Jerusalema.