8. Balevi e ne e le Joshua, Binnui, Kadmiele, Sherebia, Juda, Matthania, ya neng a tsamaisa difela, e le yena le banababo.
9. Bakbukia, le Unni, le banababo bona ba ne ba lebela hammoho le bona.
10. Joshua a tswala Jojakime, Jojakime a tswala Eliashibe, Eliashibe a tswala Jojada;
11. Jojada a tswala Jonathane, Jonathane a tswala Jaddua.
12. Mehleng ya Jojakime, dihlooho tsa matlo a bontata baprista e ne e le Meraia lesikeng la Seraia, le Hanania lesikeng la Jeremia;