40. Dihlopha tse pedi tse binang tsa ema pela ntlo ya Modimo, le nna ka ema jwalo re ena le karolo e nngwe ya mahosana,
41. le baprista Eliakime, Maaseia, Minyamine, Mikea, Elieonai, Sakaria, le Hanania, ba tshwere diterompeta,
42. le Maaseia, le Shemaia, le Eleasare, le Ussi, le Johanane, le Malkija, le Elame, le Esere. Dibini tsa nna tsa bina haholo, di ntse di tsamaiswa ke Jisrahia.
43. Tsatsing leo, Baiseraele ba hlaba mahlabelo a maholo, mme ba thaba, hobane Modimo o ne o ba thabisitse ka thabo e kgolo; esita le basadi le bana ba nna ba thaba, thabo ya Jerusalema ya ba ya utlwahala hole.
44. Tsatsing leo, ha bewa bahlahlobi ho hlahloba dikamore tsa mediko ya dikabelo tse kgethilweng, le ya dilopotsiya, le ya dikarolo tsa leshome, ba tle ba bokellele teng dikabelo tse tswang metseng e kamathoko, tse newang baprista le Balevi ke molao; hobane thabo e ne e le teng Juda, kahobane baprista le Balevi ba boetse ba eme pela Modimo.