Nehemia 12:39-47 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

39. le kahodimo ho monyako wa Efraime, le monyako wa Kgale, le monyako wa Dihlapi, le tora ya Kananeele, le tora ya Hammea, ho ya fihla monyakong wa Dinku, mme ba ema monyakong wa Teronko.

40. Dihlopha tse pedi tse binang tsa ema pela ntlo ya Modimo, le nna ka ema jwalo re ena le karolo e nngwe ya mahosana,

41. le baprista Eliakime, Maaseia, Minyamine, Mikea, Elieonai, Sakaria, le Hanania, ba tshwere diterompeta,

42. le Maaseia, le Shemaia, le Eleasare, le Ussi, le Johanane, le Malkija, le Elame, le Esere. Dibini tsa nna tsa bina haholo, di ntse di tsamaiswa ke Jisrahia.

43. Tsatsing leo, Baiseraele ba hlaba mahlabelo a maholo, mme ba thaba, hobane Modimo o ne o ba thabisitse ka thabo e kgolo; esita le basadi le bana ba nna ba thaba, thabo ya Jerusalema ya ba ya utlwahala hole.

44. Tsatsing leo, ha bewa bahlahlobi ho hlahloba dikamore tsa mediko ya dikabelo tse kgethilweng, le ya dilopotsiya, le ya dikarolo tsa leshome, ba tle ba bokellele teng dikabelo tse tswang metseng e kamathoko, tse newang baprista le Balevi ke molao; hobane thabo e ne e le teng Juda, kahobane baprista le Balevi ba boetse ba eme pela Modimo.

45. Ba nna ba boloka tsohle tseo e leng tsa tshebeletso ya Modimo wa bona le tseo e leng tsa dihlwekiso; le tsona dibini le balebedi ba menyako ba etsa jwalo, kamoo ho neng ho laetse Davida le Salomone mora hae kateng;

46. hobane, mehleng ya Davida le Asafe, ho ne ho na le batsamaisi ba dibini le ba difela tsa ho rorisa le ho boka Modimo.

47. Mehleng ya Sorobabele, le mehleng ya Nehemia, Baiseraele bohle ba ne ba ntsha dikabelo tsa dibini le tsa balebedi ba menyako, kamoo ho tshwanelang ho ntshwa kateng, ka tsatsi le leng le le leng; dintho tse halalelang di ne di newa Balevi, Balevi bona ba ne ba nea bana ba Aarone dintho tse halalelang.

Nehemia 12