33. le Asaria, le Esdrase, le Meshullame;
34. le Juda le Benjamine, le Shemaia, le Jeremia,
35. le bara ba baprista ba tshwereng diterompeta, Sakaria, mora Jonathane, mora Shemaia, mora Matthania, mora Mikea, mora Sakkure, mora Asafe,
36. le banababo e leng Shemaia, le Asareele, Milalai, Gilalai, Maai, Nethaneele, le Juda, le Hanani, ba ena le diletsa tsa Davida, monna wa Modimo. Mongodi Esdrase yena o ne a ba eteletse pele.
37. Eitse ha ba fihla monyakong wa Sediba, maloka le moo ba leng teng, ba ehlwa ka methati ya motse wa Davida ka moepa wa lerako le okametseng ntlo ya Davida, ho ya fihla monyakong wa Metsi, nqa botjhabatsatsi.
38. Sehlopha sa bobedi se binang sa tsamaya se ile ho teana le sa pele, ke se setse morao ke ena le karolo e nngwe ya setjhaba; ra tsamaya hodima lerako le okametseng tora ya Dibopi ho isa lerakong le sephara;
39. le kahodimo ho monyako wa Efraime, le monyako wa Kgale, le monyako wa Dihlapi, le tora ya Kananeele, le tora ya Hammea, ho ya fihla monyakong wa Dinku, mme ba ema monyakong wa Teronko.
40. Dihlopha tse pedi tse binang tsa ema pela ntlo ya Modimo, le nna ka ema jwalo re ena le karolo e nngwe ya mahosana,
41. le baprista Eliakime, Maaseia, Minyamine, Mikea, Elieonai, Sakaria, le Hanania, ba tshwere diterompeta,
42. le Maaseia, le Shemaia, le Eleasare, le Ussi, le Johanane, le Malkija, le Elame, le Esere. Dibini tsa nna tsa bina haholo, di ntse di tsamaiswa ke Jisrahia.