Nehemia 12:27-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. Mohla kgakolo ya lerako la Jerusalema, Balevi ba ya latwa metseng yohle ya bona, ha thwe, ba tle Jerusalema, ba tle ba etse kgakolo ka thabo le ka dithoko le ka difela, ka disimbala le diphala le diharepa.

28. Bana ba dibini le bona ba phutheha naheng e teetseng Jerusalema hare le metseng ya Banethofa,

29. le Bethe-Gilgale, le naheng ya Geba le Asmavethe; hobane dibini di ne di ikgahetse metse ka nqa tsohle ho Jerusalema.

30. Baprista le Balevi ba itlhwekisa, hape ba hlwekisa setjhaba le menyako le lerako.

31. Yaba ke hlwesetsa dihlooho tsa Juda hodima lerako, ka bea dihlopha tse pedi tse kgolo tse binang, di eme ka ho koloka; se seng sa tsamaya hodima lerako nqa ho le letona, se lebile monyakong wa Moitedi;

32. sa latelwa ke Hosea le karolo e nngwe ya dihlooho tsa Juda,

33. le Asaria, le Esdrase, le Meshullame;

34. le Juda le Benjamine, le Shemaia, le Jeremia,

35. le bara ba baprista ba tshwereng diterompeta, Sakaria, mora Jonathane, mora Shemaia, mora Matthania, mora Mikea, mora Sakkure, mora Asafe,

36. le banababo e leng Shemaia, le Asareele, Milalai, Gilalai, Maai, Nethaneele, le Juda, le Hanani, ba ena le diletsa tsa Davida, monna wa Modimo. Mongodi Esdrase yena o ne a ba eteletse pele.

37. Eitse ha ba fihla monyakong wa Sediba, maloka le moo ba leng teng, ba ehlwa ka methati ya motse wa Davida ka moepa wa lerako le okametseng ntlo ya Davida, ho ya fihla monyakong wa Metsi, nqa botjhabatsatsi.

Nehemia 12