Nehemia 12:21-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. le Hashabia ho la Hilkia; le Nethaneele ho la Jedaia.

22. Haele Balevi, mabitso a dihlooho tsa matlo a bontata bona a ngolwa mehleng ya Eliashibe, le Jojada, le Johanane, le Jaddua; baprista bona, mabitso a dihlooho tsa bona a ngolwa mehleng ya puso ya Dariuse, Mopersia.

23. Bana ba Levi, bao e neng e le dihlooho tsa matlo a bontata bona, mabitso a bona a ngolwa bukeng ya ditaba tsa mmuso ho isa mehleng ya Johanane, mora Eliashibe.

24. Dihlooho tsa Balevi e ne e le Hashabia, Sherebia, le Joshua, mora Kadmiele; ba ne ba na le banababo bona ho boka le ho rorisa Jehova ka taelo ya Davida, monna wa Modimo, ka dihlopha tse tadimanang.

25. Haele Matthania, Bakbukia, Abdiase, Meshullame, Thalmone, Akkube, dibohodi le balebedi ba menyako, ba ne ba lebela mediko e pela menyako ya motse.

26. Bao ba ne ba le teng mehleng ya Jojakime, mora Joshua, mora Jotsadake, le mehleng ya Nehemia, mmusisi, le ya Esdrase moprista le mongodi.

27. Mohla kgakolo ya lerako la Jerusalema, Balevi ba ya latwa metseng yohle ya bona, ha thwe, ba tle Jerusalema, ba tle ba etse kgakolo ka thabo le ka dithoko le ka difela, ka disimbala le diphala le diharepa.

28. Bana ba dibini le bona ba phutheha naheng e teetseng Jerusalema hare le metseng ya Banethofa,

29. le Bethe-Gilgale, le naheng ya Geba le Asmavethe; hobane dibini di ne di ikgahetse metse ka nqa tsohle ho Jerusalema.

30. Baprista le Balevi ba itlhwekisa, hape ba hlwekisa setjhaba le menyako le lerako.

31. Yaba ke hlwesetsa dihlooho tsa Juda hodima lerako, ka bea dihlopha tse pedi tse kgolo tse binang, di eme ka ho koloka; se seng sa tsamaya hodima lerako nqa ho le letona, se lebile monyakong wa Moitedi;

32. sa latelwa ke Hosea le karolo e nngwe ya dihlooho tsa Juda,

33. le Asaria, le Esdrase, le Meshullame;

34. le Juda le Benjamine, le Shemaia, le Jeremia,

35. le bara ba baprista ba tshwereng diterompeta, Sakaria, mora Jonathane, mora Shemaia, mora Matthania, mora Mikea, mora Sakkure, mora Asafe,

36. le banababo e leng Shemaia, le Asareele, Milalai, Gilalai, Maai, Nethaneele, le Juda, le Hanani, ba ena le diletsa tsa Davida, monna wa Modimo. Mongodi Esdrase yena o ne a ba eteletse pele.

Nehemia 12