Nehemia 12:11-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Jojada a tswala Jonathane, Jonathane a tswala Jaddua.

12. Mehleng ya Jojakime, dihlooho tsa matlo a bontata baprista e ne e le Meraia lesikeng la Seraia, le Hanania lesikeng la Jeremia;

13. le Meshullame ho la Esdrase, le Johanane ho la Amaria,

14. le Jonathane ho la Malluke, le Josefa ho la Shebania;

15. le Adna ho la Harime; le Helkai ho la Merajothe;

16. le Sakaria ho la Iddo; le Meshullame ho la Ginnethone;

17. le Sikri ho la Abija; le Pilthai ho la Minjamine le ho la Moadia;

18. le Shammua ho la Bilga; le Jonathane ho la Shemaia;

19. le Matthnai ho la Jojaribe; le Ussi ho la Jedaia;

20. le Kallai ho la Sallai; le Ebere ho la Amoke;

21. le Hashabia ho la Hilkia; le Nethaneele ho la Jedaia.

22. Haele Balevi, mabitso a dihlooho tsa matlo a bontata bona a ngolwa mehleng ya Eliashibe, le Jojada, le Johanane, le Jaddua; baprista bona, mabitso a dihlooho tsa bona a ngolwa mehleng ya puso ya Dariuse, Mopersia.

23. Bana ba Levi, bao e neng e le dihlooho tsa matlo a bontata bona, mabitso a bona a ngolwa bukeng ya ditaba tsa mmuso ho isa mehleng ya Johanane, mora Eliashibe.

24. Dihlooho tsa Balevi e ne e le Hashabia, Sherebia, le Joshua, mora Kadmiele; ba ne ba na le banababo bona ho boka le ho rorisa Jehova ka taelo ya Davida, monna wa Modimo, ka dihlopha tse tadimanang.

25. Haele Matthania, Bakbukia, Abdiase, Meshullame, Thalmone, Akkube, dibohodi le balebedi ba menyako, ba ne ba lebela mediko e pela menyako ya motse.

26. Bao ba ne ba le teng mehleng ya Jojakime, mora Joshua, mora Jotsadake, le mehleng ya Nehemia, mmusisi, le ya Esdrase moprista le mongodi.

27. Mohla kgakolo ya lerako la Jerusalema, Balevi ba ya latwa metseng yohle ya bona, ha thwe, ba tle Jerusalema, ba tle ba etse kgakolo ka thabo le ka dithoko le ka difela, ka disimbala le diphala le diharepa.

Nehemia 12