1. Baprista le Balevi ba kileng ba falla Babilona le Sorobabele, mora Salathiele, le Joshua, ke Seraia, Jeremia, Esdrase,
2. Amaria, Malluke, Hattushe,
3. Shekania, Rehume, Meremothe,
4. Iddo, Ginnethoi, Abija,
5. Mijamine, Maadia, Bilga.
6. Shemaia, Jojaribe, Jedaia,
7. Sallu, Amoke, Hilkia, le Jedaia. E ne e le bona dihlooho tsa baprista le tsa banababo bona mehleng ya Joshua.
8. Balevi e ne e le Joshua, Binnui, Kadmiele, Sherebia, Juda, Matthania, ya neng a tsamaisa difela, e le yena le banababo.
9. Bakbukia, le Unni, le banababo bona ba ne ba lebela hammoho le bona.
10. Joshua a tswala Jojakime, Jojakime a tswala Eliashibe, Eliashibe a tswala Jojada;
11. Jojada a tswala Jonathane, Jonathane a tswala Jaddua.
12. Mehleng ya Jojakime, dihlooho tsa matlo a bontata baprista e ne e le Meraia lesikeng la Seraia, le Hanania lesikeng la Jeremia;
13. le Meshullame ho la Esdrase, le Johanane ho la Amaria,