Nehemia 11:4-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Jerusalema, ha aha ba bang ba bana ba Juda le ba bana ba Benjamine. Baneng ba Juda, ya eba Athaia, mora Osiase, mora Sakaria, mora Amaria, mora Shefathia, mora Mahalaleele, wa bana ba Peretse,

5. le Maaseia, mora Baruke, mora Kole-Hose, mora Hasaia, mora Adaia, mora Jojaribe, mora Sakaria, mora Shiloni.

6. Kaofela ha bana ba Peretse ba ahileng Jerusalema e ne e le banna ba bahale ba makgolo a mane a mashome a tsheletseng makgolo a mane a mashome a tsheletseng a metso e robileng meno e le mmedi.

7. Bara ba Benjamine ke bana: Sallu, mora Meshullame, mora Joede, mora Pedaia, mora Kolaia, mora Maaseia, mora Ithiele, mora Esaia.

8. Kamora hae, ya eba Gabbai le Sallai, ba etsa batho ba makgolo a robileng mono o le mong a mashome a mabedi a metso e robileng meno e le mmedi.

9. Joele, mora Sikri, a bewa mohlahlobi wa bona; Juda, mora Hassenua, yena a bewa mohlahlobi wa bobedi motseng.

Nehemia 11