2. Setjhaba sa hlohonolofatsa batho bohle ba ithaopileng ka thato ya bona ho aha Jerusalema.
3. Ke tsena dihlooho tsa mathoko tse ileng tsa aha Jerusalema, athe Baiseraele, ba bang, le baprista, le Balevi, le Banethinime, le bara ba bafo ba Salomone, ba ya aha metseng ya Juda, e mong le e mong naheng e ruilweng ke yena, motseng wa hae.
4. Jerusalema, ha aha ba bang ba bana ba Juda le ba bana ba Benjamine. Baneng ba Juda, ya eba Athaia, mora Osiase, mora Sakaria, mora Amaria, mora Shefathia, mora Mahalaleele, wa bana ba Peretse,
5. le Maaseia, mora Baruke, mora Kole-Hose, mora Hasaia, mora Adaia, mora Jojaribe, mora Sakaria, mora Shiloni.
6. Kaofela ha bana ba Peretse ba ahileng Jerusalema e ne e le banna ba bahale ba makgolo a mane a mashome a tsheletseng makgolo a mane a mashome a tsheletseng a metso e robileng meno e le mmedi.
7. Bara ba Benjamine ke bana: Sallu, mora Meshullame, mora Joede, mora Pedaia, mora Kolaia, mora Maaseia, mora Ithiele, mora Esaia.
8. Kamora hae, ya eba Gabbai le Sallai, ba etsa batho ba makgolo a robileng mono o le mong a mashome a mabedi a metso e robileng meno e le mmedi.
9. Joele, mora Sikri, a bewa mohlahlobi wa bona; Juda, mora Hassenua, yena a bewa mohlahlobi wa bobedi motseng.
10. Bapristeng, ya eba Jedaia, mora Jojaribe, le Jakine,
11. le Seraia, mora Hilkia, mora Meshullame, mora Tsadoke, mora Merajothe, mora Akitube, modisa wa ntlo ya Modimo;
12. hammoho le banababo bona ba neng ba etsa tshebeletso ya ntlo, e le batho ba makgolo a robileng meno e le mmedi a mashome a mabedi a metso e mmedi; le Adaia, mora Jerohame, mora Pelalia, mora Amtsi, mora Sakaria, mora Pashkure, mora Malkija,