15. Ho Balevi, ya eba Shemaia, mora Hashube, mora Asrikame, mora Hashabia, mora Bunni,
16. le Shabbethai, le Josabade ba neng ba hlahloba mosebetsi wa kantle wa ntlo ya Modimo; e ne e le ba bang ba dihlooho tsa Balevi.
17. E mong e ne e le Matthania, mora Mikea, mora Sabdi, mora Asafe, hlooho, ya neng a qala ho phokola thoko thapelong; wa bobedi hara banababo e ne e le Bakbukia; e mong hape e ne e le Abda, mora Shammua, mora Galale, mora Jeduthune.
18. Kaofela ha Balevi ba neng ba le motseng o halalelang ba ne ba etsa makgolo a mabedi a mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mene.
19. Ho balebedi ba menyako, ya eba Akkube, le Thalmone, le banababo bona ba neng ba lebela menyako, ba ne ba etsa lekgolo le nang le mashome a supileng a metso e mmedi.
20. Ba bang ba Iseraele, le baprista, le Balevi, ba ne ba ahile metseng yohle ya Juda, e mong le e mong lefeng la hae.
21. Banethinime bona ba ne ba ahile leralleng; Tsika le Gishpa e ne e le bahlahlobi ba Banethinime.
22. Mohlahlobi wa Balevi ba neng ba le Jerusalema e ne e le Ussi, mora Bani, mora Hashabia, mora Matthania, mora Mikea, wa bara ba Asafe, bao e neng e le dibini tse etsang tshebeletso ya ntlo ya Modimo.
23. Hobane bakeng sa bona, morena o ne a laetse hore moputso o beilweng o newe dibini, ka tsatsi le leng le le leng.
24. Phethahia, mora Meshesabeele, wa bara ba Sera, mora Juda, o ne a beilwe ke morena ho ela ditaba tsohle tsa setjhaba hloko.
25. Haele tsa metse le masimo a yona, bana ba Juda ba bang ba kile ba aha Kiryath-Arba le metseng ya teng, le Dibone le metseng ya teng, le Jekabtseele le metseng ya teng,
26. le Jeshua, le Molada, le Bethe-Palethe,