Nehemia 11:13-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. le banababo e leng dihlooho tsa matlo a bontata bona, e le batho ba makgolo a mabedi a mashome a mane a metso e mmedi; le Amashai, mora Asareele, mora Aksai, mora Meshillemothe, mora Immere,

14. le banababo bona, banna ba bahale, ba neng ba etsa lekgolo le nang le mashome a mabedi a metso e robileng meno e le mmedi; mohlahlobi wa bona e ne e le Sabdiele, mora Gedolime.

15. Ho Balevi, ya eba Shemaia, mora Hashube, mora Asrikame, mora Hashabia, mora Bunni,

16. le Shabbethai, le Josabade ba neng ba hlahloba mosebetsi wa kantle wa ntlo ya Modimo; e ne e le ba bang ba dihlooho tsa Balevi.

17. E mong e ne e le Matthania, mora Mikea, mora Sabdi, mora Asafe, hlooho, ya neng a qala ho phokola thoko thapelong; wa bobedi hara banababo e ne e le Bakbukia; e mong hape e ne e le Abda, mora Shammua, mora Galale, mora Jeduthune.

18. Kaofela ha Balevi ba neng ba le motseng o halalelang ba ne ba etsa makgolo a mabedi a mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mene.

19. Ho balebedi ba menyako, ya eba Akkube, le Thalmone, le banababo bona ba neng ba lebela menyako, ba ne ba etsa lekgolo le nang le mashome a supileng a metso e mmedi.

20. Ba bang ba Iseraele, le baprista, le Balevi, ba ne ba ahile metseng yohle ya Juda, e mong le e mong lefeng la hae.

21. Banethinime bona ba ne ba ahile leralleng; Tsika le Gishpa e ne e le bahlahlobi ba Banethinime.

Nehemia 11