1. Dihlooho tsa setjhaba, tsona di ne di se di ahile Jerusalema; haele ba bang ba setjhaba, ha laolwa ka lotho hore hara ba leshome e mong a tle a ahe Jerusalema, motseng o halalelang, ba bang ba robileng mono o le mong ba ahe metseng.
2. Setjhaba sa hlohonolofatsa batho bohle ba ithaopileng ka thato ya bona ho aha Jerusalema.
3. Ke tsena dihlooho tsa mathoko tse ileng tsa aha Jerusalema, athe Baiseraele, ba bang, le baprista, le Balevi, le Banethinime, le bara ba bafo ba Salomone, ba ya aha metseng ya Juda, e mong le e mong naheng e ruilweng ke yena, motseng wa hae.
4. Jerusalema, ha aha ba bang ba bana ba Juda le ba bana ba Benjamine. Baneng ba Juda, ya eba Athaia, mora Osiase, mora Sakaria, mora Amaria, mora Shefathia, mora Mahalaleele, wa bana ba Peretse,
5. le Maaseia, mora Baruke, mora Kole-Hose, mora Hasaia, mora Adaia, mora Jojaribe, mora Sakaria, mora Shiloni.