19. Harife, Anathothe, Nebai,
20. Magpiashe, Meshullame, Hesire,
21. Meshesabeele, Tsadoke, Jaddua,
22. Pelathia, Hanane, Anaia,
23. Hosea, Hanania, Hashube,
24. Halloheshe, Pilha, Shobeke,
25. Rehume, Hashabana, Maaseia,
26. Akia, Hanane, Anane,
27. Malluke, Harime, le Baana.
28. Ba bang ba setjhaba, baprista, le Balevi, le balebedi ba menyako, le dibini, le Banethinime, le bohle ba neng ba ikgethile ho ditjhaba tse ahileng mafatsheng a bapileng hore ba kgomarele molao wa Modimo, ba ena le basadi ba bona, le bara ba bona, le baradi ba bona, e leng bohle ba nang le tsebo le kelello,
29. ba ikopanya le banababo bona, mahosana, mme ba kena le bona hlapanyong le kanong, ba re, ba tla tsamaya molaong wa Modimo oo ba o neilweng ka Moshe, mohlanka wa Modimo, mme ba tla boloka ditaelo tsohle tsa Jehova, Morena wa rona, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, mme ba tla ya ka tsona;
30. ra itlama hore ha re ka ke ra neela baditjhaba ba lefatshe leo baradi ba rona, leha e le ho nkela bara ba rona baradi ba bona.