11. Letsaba la ditau le kae, leo ditawana di neng di jela ho lona, moo ho neng ho santa tau e tona le e tshehadi le ledinyane la tau, ho se ya ka di tshosang?
12. Le kae letsaba la tau e neng e harolela madinyane a yona, e fenethela ditau tse tshehadi tsa yona, e be e tlatse maphao a yona nama, e tlatse le matsaba a yona ditopo tse harotsweng?
13. Bona, ke tla ho wena, ho bolela Jehova wa makgotla; ke tla tjhesa makoloi a hao, ke a fetole mosi, mme ditawana tsa hao di tla jewa ke lerumo. Ke tla tlosa kgapo ya hao lefatsheng, mme lentswe la manqosa a hao ha le sa tla utlwahala.