1. Wena Ninive, o futuhelwa ke ya tla o hasanya; lebela lerako, disa tsela, itiise letheka, o iphe matla a maholo!
2. Hobane Jehova o tla busa kganya ya Jakobo, e leng kganya ya Iseraele; hobane balobi ba ba lobetse, ba sentse makala a merara ya bona.
3. Thebe ya dinatla tsa hae e kgubedu; bahale ba hae ba apere sekarelata; ditshepe tsa makoloi di bekenya jwaloka mollo tsatsing leo a rerang makgotla a hae ka lona; ba hlakisa ka marumo a bona.
4. Makoloi a kgehlemana ka matla ditseleng; a ikakgela mebileng; a tadimeha jwaloka dirumula, a tsekema jwaloka mahadima.
5. Ninive o hopola bahlabani ba hae; ba kgoptjwa tseleng tsa bona, ba itlhahanela lerakong la hae, ba lokisa tshireletso!
6. Menyako e hodima dinoka e a bulwa; ntlo ya borena e a heleha!
7. Ho fedile: Ninive o a hlobodiswa, o iswa hole; makgabunyane a hae e itelela ka dillo tse kang tsa maebakgorwana, a iteta difuba.
8. Ninive, haesale a hlaha, o ne a le jwaloka letsha la metsi a mangata. Jwale, howa balehuwa! Emang, emang! ... empa ha ho ya retelehang!
9. Lobelang silefera, le lobele kgauta. Ha ho pheletso matlotlong a ntho tse bolokilweng; ke diqubuqubu tsa mesebetsi yohle e lakatsehang.
10. Ho a hapjwa, ho a hlakolwa, ho a senngwa! Pelo e a qhibidiha, mangwele a tlakasela, matheka kaofela a tshwerwe ke bohloko, difahleho tsohle di saretswe!
11. Letsaba la ditau le kae, leo ditawana di neng di jela ho lona, moo ho neng ho santa tau e tona le e tshehadi le ledinyane la tau, ho se ya ka di tshosang?
12. Le kae letsaba la tau e neng e harolela madinyane a yona, e fenethela ditau tse tshehadi tsa yona, e be e tlatse maphao a yona nama, e tlatse le matsaba a yona ditopo tse harotsweng?