Nahume 1 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Ninive o porofetelwa kahlolo.

1. Tshenolo bakeng sa Ninive. Buka ya pono ya Nahume wa Elkoshe.

2. Jehova ke Modimo o boulelang, o phetetsang; Jehova o a phetetsa, o tletse bohale; Jehova o a phetetsa, o tletse bohale; Jehova o iphetetsa ho ba mo lwantshang, bohale ba hae o bo bolokela bao e leng dira ho yena.

3. Jehova o pelo e telele, o moholo ka matla, ha a latolele motho molato wa hae. Jehova! ... tsela ya hae e hara sefefo le sekgohola, maru ke lerole la maoto a hae.

4. O kgalemela lewatle, le be le monyele; o pshesa dinoka kaofela. Ho ponne Bashane le Karmele, le palesa ya Lebanone e ponne.

5. Dithaba di sisinyeha pela hae, maralla a qhibidiha; pela hae lefatshe le a kokomoha, lefatshe la batho, le tsohle tse ho lona.

6. Kgalefo ya hae e ka emelwa ke mang, mme ke mang ya ka tiyang ho tukeng ha bohale ba hae? Bohale ba hae bo tsoloha jwaloka mollo, mafika a heletswa ke yena.

7. Jehova o molemo; ke setshabelo tshiung ya tlokotsi, o tseba ba mo tshepileng.

8. Ka sekgohola se kgofolang o tla timeletsa nqalo eo ruri, mme bao e leng dira ho yena o tla ba tebella lefifing.

9. Mehopolo ya lona ke efe bakeng sa Jehova? O tla timeletsa ruri; tlokotsi e ke ke ya hlaha habedi.

10. Hobane, leha ba rarellane jwaloka meutlwa, mme ba tahilwe ke seno sa bona, ba tla tjheswa kaofela jwaloka mooko o omileng.

11. Ho wena ho tswile ya rerang bobe hodima Jehova, ya eletsang bolotsana.

12. Jehova o itse: Leha ba bolokehile, ba ntse ba le bangata, le teng ba tla helwa, ba fete, mme wena Juda, eo ke o kokobeditseng, ha ke sa tla o kokobetsa.

13. Jwale, ke tla roba joko ya hae e hodima hao, ke kgaole le ditlamo tsa hao.

14. Haele wena, Ninive, Jehova o laetse, a re: Lebitso la hao ha le sa tla itswala. Tlung ya medimo ya hao ke tla tlosa setshwantsho se betlilweng le se tsholotsweng, mme ke tla o lokisetsa lebitla, hobane o lefeela.

15. Bonang dithabeng maoto a ba bolelang ditaba tse molemo, ba tumisang tsa kgotso! Wena Juda, etsa mekete ya hao, o lefe dikano tsa hao, hobane ya bolotsana ha a sa tla hlola a feta ha hao; o timeditswe ruri.