Moeklesia 9:7-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ha ho le jwalo, eya, o je bohobe ba hao ka thabo, o nwe veine ya hao ka pelo e nyakaletseng; etswe Modimo o kgahlisitswe le kgale ke diketso tsa hao.

8. Diaparo tsa hao di nne di be tshweu, ole e se ke ya hlokahala hloohong ya hao.

9. Phela hamonate le mosadi eo o mo ratang, ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba hao ba lefeela, boo o o neileng bona tlasa letsatsi, ka matsatsi a hao a se makae, etswe e le kabelo ya hao bophelong le mokgathaleng wohle wa hao oo o ikgathaditseng ka wona tlasa letsatsi.

10. Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.

11. Ke lemohile, mme ke bone tlasa letsatsi hoba peisong ya lebelo ha a siye ba bang kamehla, ntwa hase ya diqhenqha kamehla, bohobe hase jwa ba bohlale kamehla, le leruo hase la ba kello kamehla, le ho ratwa hase ha batsebi kamehla, empa bohle ba hlahelwa ke nako le sebaka sa ntho tseo.

12. Hobane motho ha a tsebe nako ya hae, jwalokaha a se tsejwe le ke dihlapi tse tshwaswang ke letlowa le di bolayang, le ke dinonyana tse pitlwang difing; bana ba batho ba ye ba tshwaswe jwaloka tsona nakong ya tlokotsi, ha e ba wela ka sehloho.

13. Hape, ke bone bohlale bo bong tlasa letsatsi, ke bohlale bo boholo ha ke bo tadima:

Moeklesia 9