Moeklesia 9:12-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Hobane motho ha a tsebe nako ya hae, jwalokaha a se tsejwe le ke dihlapi tse tshwaswang ke letlowa le di bolayang, le ke dinonyana tse pitlwang difing; bana ba batho ba ye ba tshwaswe jwaloka tsona nakong ya tlokotsi, ha e ba wela ka sehloho.

13. Hape, ke bone bohlale bo bong tlasa letsatsi, ke bohlale bo boholo ha ke bo tadima:

14. Ke bone motsana o se nang batho ba bangata, ha o ne o futuhelwa ke morena e moholo; a o thibella, a o dikadiketsa ka dikantshi tse kgolo;

15. empa teng motho o ne a le teng, wa mofutsana, ya bohlale, ke yena ya pholositseng motse ka bohlale ba hae; leha ho le jwalo, motho eo wa mofutsana ha a ka a hopolwa ke motho.

16. Ka ba ka re: Bohlale bo molemo ho ena le matla, leha bohlale ba mofutsana bo nyediswa, mme mantswe a hae a sa elwe hloko.

17. Mantswe a buwang butle a ba bohlale, ha a mamelwa, a molemo ho ena le mehoweletso ya morena ya busang hara mawatla.

18. Bohlale bo molemo ho ena le dihlomo, empa moetsadibe a le mong o senya monono o mongata.

Moeklesia 9