Moeklesia 9:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Efela ke etse tsena tsohle hloko, mme ka di bea tsohle leseding, tsa hore ba lokileng le ba bohlale ba letsohong la Modimo hammoho le mesebetsi ya bona; batho ba ke ke ba tseba hoba ba ratwa, kapa ba hloilwe; tsohle di ka etsahala.

2. Tse tshwanang di ntse di hlahela bohle: kotsi e le nngwe e hlahela ya lokileng, le molotsana, le ya molemo, le ya hlwekileng, le ya ditshila, le ya hlabang sehlabelo, le ya sa hlabeng sehlabelo. Ya molemo o jwaloka moetsadibe; ya hlapaolang le yena o jwaloka ya tshabang hlapa.

3. Bobe bona bo ka ho tsohle tse etswang tlasa letsatsi, ke hoba kotsi e le nngwe e hlahela bohle; eba pelo tsa bana ba batho di tlala bobe, mme pelo tsa bona di tlala bowatla ho pheleng ha bona; kamora moo, ba ikela ho bafu.

Moeklesia 9