1. Ya lekanang le ya bohlale ke mang? Mme ke mang ya ka tsebang ho hlalosetsa taba na? Bohlale ba motho bo edisa sefahlelo sa hae, mme bo fetola bothata ba sefahlelo sa hae.
2. Ke re: Boloka taelo ya morena ka baka la kano eo o e entseng pela Modimo.
3. O se ke wa phaka wa tloha pela hae, o se ke wa tiisetsa nthong e mpe, hobane o etsa hohle ho mo kgahlisang;
4. etswe lentswe la morena le le matla, mme ke mang ya tla re ho yena: O etsang?
5. Ya bolokang taelo a ke ke a bona tsietsi; mme pelo ya ya bohlale e tla tseba nako le kahlolo.
6. Hobane nako le kahlolo ya tsohle e tla ba teng. Empa bosoto ba motho bo boholo tabeng ya hobane
7. ha a tsebe le hanyenyane se tla etsahala; hobane ya tla mmolella se tla hlaha, ke ha e le mang na?
8. Motho ha a na matla a ho busa moya hore a o thibele; ho jwalo, ha a na ho laola letsatsi la lefu, ha ho kamoo ho ka phonyohuwang ntweng eo kateng, le bolotsana ha bo na ho lwela ba bo etsang.
9. Ke di bone kaofela tseo, ha ke ne ke ntse ke nahana mesebetsi yohle e etswang tlasa letsatsi, le kamoo batho ba renang hodima ba bang kateng ho ba etsa hampe.
10. Ka bona ha ba bolotsana ba patwa, athe ba etsang hantle ba ne ba tloha, ba ya hole le nqalo e halalelang, ba ba ba lebalwa ke ba hae. Hoo le hona ke lefeela.
11. Erekaha kahlolo e ahlolang mesebetsi yohle e kgopo e sa phakise ho etsahala, kahoo pelo tsa bana ba batho di ntse di tlala takatso ya ho etsa hampe.
12. Empa leha moetsadibe a etsa hampe ha lekgolo, mme a atelwa ke matsatsi, leha ho le jwalo, ke tseba hoba ba tshabang Modimo ho tla dula hantle le bona, e leng ba tshabang ho etsa hampe pela sefahleho sa wona.