6. hobane jwaloka ho qhoma ha meutlwa e beswang tlasa pitsa, ho jwalo le ditsheho tsa mawatla. Hoo le hona ke lefeela.
7. Kannete, hloriso e ye e hlantshe ya hlalefileng; mme mpho e lahlise motho kelello.
8. Qetello ya taba e nngwe e fetisa qalo ya yona. Pelo e telele e molemo ho ena le pelo e ikakasang.
9. O se ke wa phaka wa halefa pelong ya hao, hobane kgalefo e ye e hanelle sefubeng sa mawatla.
10. Se re: Ke kang ha matsatsi a kgale a bile molemo ho a kajeno? Leha o botsa taba e jwalo, hase potso e hlalefileng.
11. Bohlale bo molemo jwaloka lefa, bo fetisa le lefa ka molemo ho ba bonang letsatsi;
12. hobane bohlale ke tshirelo, jwalokaha le yona tjhelete e le tshirelo; empa moo tsebo e fetisang ka molemo, ke hobane bohlale bo phedisa ba bo ruileng.
13. Tadima mosebetsi wa Modimo. Ke mang ya ka otlollang seo o se kobileng?
14. Ka tsatsi la lehlohonolo, o iketle, mme ka tsatsi la tlokotsi, o lemohe hobane ke Modimo o entseng leno le lena, hore motho a tsebe hobane ha ho letho leo a tshwanetseng ho le lebella hamorao.
15. Tsena kaofela ke di bone ditshiung tsa ka tsa lefeela: o ye a be teng ya lokileng ya timelang ka ho loka ha hae, le ya kgopo a be teng ya atisang matsatsi a hae ka bokgopo ba hae.
16. O se ke wa iketsa ya lokileng ka ho fetisisa, o se ke wa ipea ya hlalefileng ka ho tlodisa; hobane ke ha o ne o tla itimeletsang na?
17. O se ke wa iketsa e mobe ka ho fetisisa, o se ke wa ipea lewatla; hobane ke ha o ne o tla shwelang, e eso ho be nako ya hao?