3. Maswabi a molemo ho ditsheho; hobane leha motho a sosobane sefahleho, pelo ya hae e ka nna ya eba tshweu.
4. Pelo ya ba hlalefileng e rata ho ba teng ka tlung ya bofifi, athe pelo ya mawatla e rata ka tlung ya thabo.
5. Ho molemo hore motho a mamele kgalemelo ya ya hlalefileng, ho ena le hore a mamele pina ya mawatla;
6. hobane jwaloka ho qhoma ha meutlwa e beswang tlasa pitsa, ho jwalo le ditsheho tsa mawatla. Hoo le hona ke lefeela.
7. Kannete, hloriso e ye e hlantshe ya hlalefileng; mme mpho e lahlise motho kelello.
8. Qetello ya taba e nngwe e fetisa qalo ya yona. Pelo e telele e molemo ho ena le pelo e ikakasang.
9. O se ke wa phaka wa halefa pelong ya hao, hobane kgalefo e ye e hanelle sefubeng sa mawatla.
10. Se re: Ke kang ha matsatsi a kgale a bile molemo ho a kajeno? Leha o botsa taba e jwalo, hase potso e hlalefileng.
11. Bohlale bo molemo jwaloka lefa, bo fetisa le lefa ka molemo ho ba bonang letsatsi;
12. hobane bohlale ke tshirelo, jwalokaha le yona tjhelete e le tshirelo; empa moo tsebo e fetisang ka molemo, ke hobane bohlale bo phedisa ba bo ruileng.
13. Tadima mosebetsi wa Modimo. Ke mang ya ka otlollang seo o se kobileng?
14. Ka tsatsi la lehlohonolo, o iketle, mme ka tsatsi la tlokotsi, o lemohe hobane ke Modimo o entseng leno le lena, hore motho a tsebe hobane ha ho letho leo a tshwanetseng ho le lebella hamorao.