Moeklesia 7:13-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Tadima mosebetsi wa Modimo. Ke mang ya ka otlollang seo o se kobileng?

14. Ka tsatsi la lehlohonolo, o iketle, mme ka tsatsi la tlokotsi, o lemohe hobane ke Modimo o entseng leno le lena, hore motho a tsebe hobane ha ho letho leo a tshwanetseng ho le lebella hamorao.

15. Tsena kaofela ke di bone ditshiung tsa ka tsa lefeela: o ye a be teng ya lokileng ya timelang ka ho loka ha hae, le ya kgopo a be teng ya atisang matsatsi a hae ka bokgopo ba hae.

16. O se ke wa iketsa ya lokileng ka ho fetisisa, o se ke wa ipea ya hlalefileng ka ho tlodisa; hobane ke ha o ne o tla itimeletsang na?

17. O se ke wa iketsa e mobe ka ho fetisisa, o se ke wa ipea lewatla; hobane ke ha o ne o tla shwelang, e eso ho be nako ya hao?

18. Ho molemo ha o ka tshwara hona, mme letsoho la hao le se ke la furalla hono; hobane ya tshabang Modimo o tswa tsietsing tsohle.

19. Bohlale bo nea ya bohlale matla, ho ena le balaodi ba leshome ba ka motseng.

20. Kannete, ha ho motho ya lokileng lefatsheng ya ntseng a etsa hantle, a sa tshohe a etsa sebe.

21. Ha ho le jwalo, se hlokomele mantswe wohle a buwang, esere wa utlwa mohlanka wa hao a o seba;

22. hobane pelo ya hao e tseba makgetlo a mangata ao le wena o sebileng ba bang ka wona.

23. Tseo tsohle ke di lekotse ka bohlale, ka re: A nke ke be ya hlalefileng! Empa hoo ho sa le hole le nna.

24. Se bileng teng se hole, hape se tebile, ruri se tebile; ya tla se fihlela ke ha e le mang na?

25. Yaba ke leka ka pelo ya ka ho tseba le ho botsa le ho batla bohlale le kelello, le ho tseba hoba bokgopo ke bowatla, le bothoto ke bohlanya.

Moeklesia 7