11. Bohlale bo molemo jwaloka lefa, bo fetisa le lefa ka molemo ho ba bonang letsatsi;
12. hobane bohlale ke tshirelo, jwalokaha le yona tjhelete e le tshirelo; empa moo tsebo e fetisang ka molemo, ke hobane bohlale bo phedisa ba bo ruileng.
13. Tadima mosebetsi wa Modimo. Ke mang ya ka otlollang seo o se kobileng?
14. Ka tsatsi la lehlohonolo, o iketle, mme ka tsatsi la tlokotsi, o lemohe hobane ke Modimo o entseng leno le lena, hore motho a tsebe hobane ha ho letho leo a tshwanetseng ho le lebella hamorao.
15. Tsena kaofela ke di bone ditshiung tsa ka tsa lefeela: o ye a be teng ya lokileng ya timelang ka ho loka ha hae, le ya kgopo a be teng ya atisang matsatsi a hae ka bokgopo ba hae.
16. O se ke wa iketsa ya lokileng ka ho fetisisa, o se ke wa ipea ya hlalefileng ka ho tlodisa; hobane ke ha o ne o tla itimeletsang na?
17. O se ke wa iketsa e mobe ka ho fetisisa, o se ke wa ipea lewatla; hobane ke ha o ne o tla shwelang, e eso ho be nako ya hao?
18. Ho molemo ha o ka tshwara hona, mme letsoho la hao le se ke la furalla hono; hobane ya tshabang Modimo o tswa tsietsing tsohle.
19. Bohlale bo nea ya bohlale matla, ho ena le balaodi ba leshome ba ka motseng.
20. Kannete, ha ho motho ya lokileng lefatsheng ya ntseng a etsa hantle, a sa tshohe a etsa sebe.
21. Ha ho le jwalo, se hlokomele mantswe wohle a buwang, esere wa utlwa mohlanka wa hao a o seba;
22. hobane pelo ya hao e tseba makgetlo a mangata ao le wena o sebileng ba bang ka wona.
23. Tseo tsohle ke di lekotse ka bohlale, ka re: A nke ke be ya hlalefileng! Empa hoo ho sa le hole le nna.
24. Se bileng teng se hole, hape se tebile, ruri se tebile; ya tla se fihlela ke ha e le mang na?
25. Yaba ke leka ka pelo ya ka ho tseba le ho botsa le ho batla bohlale le kelello, le ho tseba hoba bokgopo ke bowatla, le bothoto ke bohlanya.
26. Mme ka fihlela hoba mosadi eo pelo ya hae e kang matlowa le difi, eo matsoho a hae e leng ditlamo, o baba ho fetisa lefu. Ya molemo pela Modimo o tla mo phonyohela, empa moetsadibe o tla tshwaswa ke yena.
27. Tadima sena seo ke se fumaneng, ho rialo Mmoledi, ha ke ne ke ntse ke nahana taba e nngwe le e nngwe, hore ke fihlele lebaka la yona.
28. Seo pelo ya ka e ntseng e se batla, ha ke eso ho se fumane: ho ba sekete, monna, ke mo fumane; empa ho bohle, mosadi, ha ke a mo fumana.
29. Feela, o tadime sena seo ke se fumaneng: ke hobane Modimo o entse batho ba lokile, empa bona ba batlile mamenemene a mangata.