4. hobane se tletse lefeela, mme ke mona se ikela lefifing, mme lebitso la sona le kwahelwa ke lefifi;
5. etlaba ha se a bona le ho tseba letsatsi; sona se na le phomolo ho ena le motho eo.
6. Le hoja a ba a ka phela lemo tse sekete se balwang habedi, a sa ka a bona lehlohonolo, ha ke re, tsohle di ikela nqalong e le nngwe na?
7. Mosebetsi wohle wa motho o iswa molomong wa hae; leha ho le jwalo, takatso ya hae ha e kgore.
8. Na ya bohlale o fetisa lewatla kang? Kapa ya fumanehileng, ya tsebang ho itsamaela pontsheng ya ba phelang, o ruang?
9. Se bonwang ka mahlo se molemo ho ena le se labalabelwang ke pelo. Hoo le hona ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.
10. Se leng teng se se se kile sa rewa lebitso; haele motho, ho tsejwa seo a leng sona, le kamoo a ke keng a tsekisana le ya mo fetang ka matla kateng.
11. Kannete, ho na le ntho tse ngata tse atisang lefeela; ha ho le jwalo, motho a ka ruang ka tsona?
12. Hobane ke mang ya tsebang se ka bang molemo ho motho bophelong ba hae, ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba hae ba lefeela, haele moo bo feta jwaloka leswiti? Kapa ke mang ya tla senolela motho se tla ba teng tlasa letsatsi, ha a se a le siyo?