Moeklesia 6:4-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. hobane se tletse lefeela, mme ke mona se ikela lefifing, mme lebitso la sona le kwahelwa ke lefifi;

5. etlaba ha se a bona le ho tseba letsatsi; sona se na le phomolo ho ena le motho eo.

6. Le hoja a ba a ka phela lemo tse sekete se balwang habedi, a sa ka a bona lehlohonolo, ha ke re, tsohle di ikela nqalong e le nngwe na?

7. Mosebetsi wohle wa motho o iswa molomong wa hae; leha ho le jwalo, takatso ya hae ha e kgore.

8. Na ya bohlale o fetisa lewatla kang? Kapa ya fumanehileng, ya tsebang ho itsamaela pontsheng ya ba phelang, o ruang?

9. Se bonwang ka mahlo se molemo ho ena le se labalabelwang ke pelo. Hoo le hona ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.

10. Se leng teng se se se kile sa rewa lebitso; haele motho, ho tsejwa seo a leng sona, le kamoo a ke keng a tsekisana le ya mo fetang ka matla kateng.

11. Kannete, ho na le ntho tse ngata tse atisang lefeela; ha ho le jwalo, motho a ka ruang ka tsona?

Moeklesia 6