1. Taba e mpe e teng eo ke e boneng tlasa letsatsi, e boima pelong tsa batho:
2. ke hoba, ereha Modimo o neile motho leruo le menono le kganya, ho fihlela a sa hlokele bophelo ba hae letho leha le le leng la tsohle tseo a ka di lakatsang, Modimo ha o mo nee sebaka sa ho ja letho la teng; ke osele ya tla ya. Hoo ke lefeela, hape ke kotsi e bohloko.
3. Le hoja motho a ne a ka tswala bana ba lekgolo, a phela lemo tse ngata, ditshiu tsa dilemo tsa hae tsa atiswa, ha moya wa hae o mpa o sa kgore bomadimatle, mme a hloka le lebitla, ke re, esita le sefolotsana se mo feta ka lehlohonolo;
4. hobane se tletse lefeela, mme ke mona se ikela lefifing, mme lebitso la sona le kwahelwa ke lefifi;
5. etlaba ha se a bona le ho tseba letsatsi; sona se na le phomolo ho ena le motho eo.
6. Le hoja a ba a ka phela lemo tse sekete se balwang habedi, a sa ka a bona lehlohonolo, ha ke re, tsohle di ikela nqalong e le nngwe na?