Moeklesia 5:12-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Boroko ba motho ya sebetsang bo monate, leha a eja haholo, leha a eja hanyenyane; empa kgora ya morui ha e mo fe boroko.

13. Ho na le kotsi e bohloko eo ke e boneng tlasa letsatsi: ke leruo le sotofatsang monga lona ya le bokeletseng;

14. ruo leo le ye le senyehe ka tsietsi e nngwe; ereha a tswetse mora, ho ke ke ha sala letho letsohong la hae;

15. jwalokaha a ne a tswile mpeng ya mmae, o tla ikgutlela a le feela, a ikele jwalokaha a tlile; o tla ya a sa nke letho mokgathaleng wa hae, leo a ka yang le lona a le fuparetse ka letsoho.

16. Hoo le hona ke kotsi e bohloko; kamoo a neng a tlile kateng, o ikela jwalo; mme o ruang ka mokgathala wa hae wa lefeela?

17. Athe o phetse ditshiu tsohle tsa bophelo ba hae pelo ya hae e le ntsho, a swabile haholo, a le bohloko, a hlonamile.

18. Hoo ke ho lemohileng ke hona: ho leng molemo le ho leng hotle, ke ho ja, le ho nwa, le ho latswa boiketlo ka mokgathala wohle oo motho a ikgathatsang ka wona tlasa letsatsi, ka tshiu tsohle tsa bophelo tseo Modimo o mo neileng tsona; hobane ke yona kabelo eo a e abetsweng.

19. Efela ha Modimo o neile motho e mong leruo le monono, ha o mo neile le tokelo ya ho di ja le ho ingwathela ho tsona le ho thabela mosebetsi wa hae, hoo ke mpho ya Modimo;

20. hobane a ke ke a hopola bokgutshwanyane ba tshiu tsa ho phela ha hae haholo, etswe Modimo o mo hauhela ka ho mo thabisa pelo.

Moeklesia 5