Moeklesia 4:6-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. empa seatla se le seng se tletseng phomolo se molemo ho ena le diatla tse pedi tse tletseng mokgathala le mosebetsi o nyopileng.

7. Ka boela ka lemoha lefeela le leng le leng teng tlasa letsatsi.

8. Ke motho ya dutseng a nnotshi, ya se nang wa bobedi ho yena, ya se nang leha e le mora, leha e le ngwanabo; leha ho le jwalo, mokgathala wa hae ha o fele, le wona mahlo a hae ha a kgore moruo ... Ke ikgathaletsa mang, mme ke tima moya wa ka lehlohonolo ka baka la mang? Hoo le hona ke lefeela, ke mokgathala o bohloko.

9. Ba babedi ba feta a le mong, hobane moputso o motle o teng wa mosebetsi wa bona:

10. leha ba ewa, e mong a ka tsona molekane wa hae; athe ya nnotshi o madimabe, leha a ewa, ha a na wa bobedi ya mo tsosang.

11. Hape, ha ba babedi ba robala hammoho, ba tla futhumala; ya nnotshi yena a ka futhumala jwang?

12. Leha e mong a ka tla tsohela ya nnotshi matla, ha ba le babedi, ba ka mo hlola; le lona leqhwele le meloho e meraro ha le phakise ho kgaoha.

13. Mohlankana ya fumanehileng, ha a hlalefile, o feta morena wa leqheku, ya lewatla, ya seng a se na ho eletswa.

14. Efela ya jwalo o tlile ho rena, a etswa tlung ya baholehuwa; o ne a hlahile ka bofutsana mmusong wa hae.

15. Ke bone bohle ba phelang, ba tsamayang tlasa letsatsi, ha ba latela mohlankana eo ya tshwanetseng ho hlahlama morena boreneng,

16. e ne e le setjhaba se sengata, o ne a ba busa kaofela; leha ho le jwalo, ba tlang ho tla kamorao, ba ke ke ba mo thabela; hoo le hona ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.

Moeklesia 4