5. Ya iphuthang matsoho, ya itjang e le yena ke lewatla;
6. empa seatla se le seng se tletseng phomolo se molemo ho ena le diatla tse pedi tse tletseng mokgathala le mosebetsi o nyopileng.
7. Ka boela ka lemoha lefeela le leng le leng teng tlasa letsatsi.
8. Ke motho ya dutseng a nnotshi, ya se nang wa bobedi ho yena, ya se nang leha e le mora, leha e le ngwanabo; leha ho le jwalo, mokgathala wa hae ha o fele, le wona mahlo a hae ha a kgore moruo ... Ke ikgathaletsa mang, mme ke tima moya wa ka lehlohonolo ka baka la mang? Hoo le hona ke lefeela, ke mokgathala o bohloko.
9. Ba babedi ba feta a le mong, hobane moputso o motle o teng wa mosebetsi wa bona:
10. leha ba ewa, e mong a ka tsona molekane wa hae; athe ya nnotshi o madimabe, leha a ewa, ha a na wa bobedi ya mo tsosang.
11. Hape, ha ba babedi ba robala hammoho, ba tla futhumala; ya nnotshi yena a ka futhumala jwang?
12. Leha e mong a ka tla tsohela ya nnotshi matla, ha ba le babedi, ba ka mo hlola; le lona leqhwele le meloho e meraro ha le phakise ho kgaoha.